Puo ya ho kwala mosebetsi ya MoPresidente wa African National Congress, Thabo Mbeki, Khanseleng e akaretsang ya bobedi ya naha ya ANC Tshwane

3 Phupu 2005

Modulasetulo,
Motlatsa Mopresidente,
Ditho tsa Komiti ya Phethahatso ya Naha,
Dikemedi:

Re se re fihlile mafelong a Khansele e Akaretsang ya Bobedi ya Naha (National General Council - NGC). Boemong ba Komiti ya Naha ya Phethahatso (National Executive Committee - NEC), dikemedi le mokgatlo ka kakaretso, ke rata ho leboha Hlooho ya Yunivesithi ya Pretoria Moprofesara Callie Pistorius, barutisi, baithuti le basebetsi ba setheo sena sa bohlokwa sa thuto, mabapi le tsohle tseo ba di entseng, tse kentseng letsoho haholo katlehong ya Khansele ena e Akaretsang ya Naha.

Kaofela ha rona re ile ra utlwa se boletsweng ke Moprofesara Pistorius ha a ne a re amohela Yunivesithing ka Labone. O re file molaetsa wa bohlokwa wa setheo sena sa thuto, ho ruta le ho fuputsa jwalo ka mokgwa wa ho tlisa diphetoho, ka ho ineela ho aha setjhaba se atlehileng seo batho ba haeso ba ithaopileng ho ba sona.

Sena se re file qalo e ntle ya mosebetsi oo re lokelang ho o etsa Khanseleng ena e Akaretsang, ho lekola mehato e latelang eo ANC e tshwanetseng ho e nka hore e be le kabelo kahong ya setjhaba se atlehileng seo dimiliyone tsa batho ba haeso ba ithaopileng ho ba sona.

Ke tshepa hore Khansele e Akaretsang ya Naha e tla dumela hore ha re hlahisa ditokomane tsa Khansele, re tshwanetse ho kenyelletsa le mantswe a a kgothatso a Moprofesara Callie Pistorius.

Ha re ntse re ya bofelong ba mosebetsi wa rona, hape re bua lebitsong la Komiti ya Phethahatso ya Naha le lebitsong la ka, ke rata ho leboha dikemedi ka moo di ineehetseng ka teng mosebetsing wa NGC.

Ditokomane tseo re di amohetseng, ho kenyelletswa le Phatlalatso ya rona, di fana ka sesupo se hlakileng sa mesebetsi eo re tobaneng le yona. Phepetso eo re tobaneng le yona ke ya hore re latele diqeto tseo re di entseng, re ntse re lemoha ka botlalo boikarabelo ba rona naheng ya habo rona mmoho le ho batho ba haeso.

Hara tse ding, tokomane e mabapi le Ditaba tsa Mokgatlo eo re e amohetseng e kenyelletsa setatemente sa bohlokwa se latelang:

"Phatlalatso e leng polelwaneng ya 4.15 ya Molaotheo (wa ANC) e tshwanetse ho ba karolo ya foromo ya botho, mme ditho tse ntjha di tshwanetse ho nkiswa kano ena ha di kena mokgatlong." Ke tshepa hore re tla phethahatsa ka potlako mosebetsi wa ho kenya tshebetsong qeto ena ya bohlokwa ya Khansele e Akaretsang ya Naha.

Dikemedi di e tseba hantle kano ena, ya Polelwana ya 4.15 ya Molaotheo, eo ke e qotsitseng Puong ya ka ya ho Bula. E re ke ye bale hape.

"Ke phatlalatsa hore ke tla latela sepheo le maikemisetso a African National Congress jwalo ka ha a hlalositswe Molaotheong, tokomaneng ya Freedom Charter le dipholisi tse ding tse amohetsweng ka mokgwa o tshwanetseng,

"hore ke kena mokgatlong ka boithaopo le teng ntle le maikemisetso a ho ithuisa,

"hore ke dumela ho hlompha Molaotheo le dibopeho tsa ona le hore ke tla sebetsa jwalo ka setho se tshepahalang sa mokgatlo,

"hore ke tla neelana ka matla le bokgoni ba ka mokgatlong le ho etsa mesebetsi eo ke fuwang yona,

"hore ke tla sebeletsa hore ANC e be sesebediswa se sebetsang hantle haholo sa tokoloho matsohong a batho ba haeso,

"le hore ke tla sireletsa kopano le lebitso le letle le mokgatlo le metheo ya ona, le ho lwantsha mekgwa ya tshenyo le ba ipopang dihlotshwana ka hara mokgatlo."

Matsatsing a mmalwa a fetileng, re ile ra sekaseka merero e mmalwa eo e leng ya bohlokwa naheng ya heso. Ke dumela hore ha re behela setjhaba mabapi le diqeto tseo re di entseng, batho ba haeso ba tla thabela hore mokgatlo o ba etelletseng pele naheng ya heso o ntse o ikemiseditse ho ntshetsapele dikgahleho tsa bona mme o arabela le ho ditabatabelo tsa bona.

Ntle le feela ho dula kopanong e akaretsang bohle, ho mamela dipehelo tsa mesebetsi e entsweng ke dikhomishene tse fapafapaneng, nna, jwalo ka ditho tse ding tsa Komiti ya rona ya Phethahatso ya Naha, ke ile ka fumana monyetla wa ho ya ho tse ding tsa Dikhomishene tsena.

Ke ile ka kgothatswa ke boleng ba seabo le kabelo ho tswa ho dikemedi ditherisanong tseo, mme ka bona hore lona, di-comrade le ile la itokisetsa hantle mme la bala ditokomane tsa ditherisano. Hodima moo, ho ne ho hlakile ho nna hore ha nako e ntse e ya, le itekile ka matla ho utlwisisa merero e rarahaneng e leng lenaneong la Khansele e Akaretsang ya Bobedi ya Naha, le bomeo ba ka hara naha boo re lokelang ho bo ela hloko.

Ke ikutlwa ke le motlotlo ka tsela e ikgethang ha ke lokela ho tlisa diteboho tsa boetapele le mokgatlo kaofela ha ona ho lona ditho tsa mokgatlo wa rona, bakeng sa maiteko a hlakileng ao le bontshitseng boitedi ba lona mokgatlong wa African National Congress, basebeletsi ba ho tlisa diphetoho tseo batho ba habo rona mmoho le boitseko ba demokerasi bo di labalabelang.

Re ikgantsha haholo ka hobane re na le ditho tse tshwanang hantle le tsa bahlabani ba rona ba Umkhonto we Sizwe - ha ba re, re sebeletsa setjhaba sa Afrika Borwa!

Ke a tshepa hore ha re ka kenya tshebetsong diqeto tse mabapi le ntshetsopele ya baitedi ba mokgatlo, tse tswileng Dikhomisheneng tse neng di buisana ka ditaba tsena tsa bohlokwa, re tla atleha le ho ya pele ho aha ANC ho ba mofuta wa sesebediswa sa ho tlisa diphetoho mererong e tliswang ke diphepetso tseo re tobaneng le tsona.

Kano eo Khansele e Akaretsang ya Naha e itseng e lokela ho bopa karolo ya foromo ya botho ba mokgatlo wa rona, e nehwang ditho tse ntjha ha di kena, e bolela ka ho hlaka hore ditho tsa rona di itlama ho "sebeletsa ho etsa hore ANC e be sesebediswa se sebetsang hantle haholo sa tokoloho, se leng matsohong a batho".

Hore ho fihlelwe maikemisetso ana, hoo ho bolela hore ditho tsa ANC di lokela ho ipona le ho itshwara jwalo ka karolo ya sebediswa sena se setle hakana sa tokoloho se sebeletsang matshweletshwele a batho ba habo rona hape se le karolo ya bona.

Sena se bolela hore re tshwanetse ho dumela ka botlalo motheo wa ho re re kene mokgatlong ka boithaopo mme re se na maikemisetso a mang a ho ithuisa, jwalo ka Kano e bolela.

Ho fenya ha rona ka mokgwa wa demokerasi ho re behile boemong bo matla dipolotiking. Ho tloha ka selemo sa 1994, e leng selemo sa bo-82 haesale mokgatlo o le teng, batho ba haeso ba re laetse hore re be mokgatlo o busang.

Ho ba mokgatlo o busang ho bolela hore re kgona ho fihlela mehlodi ya thuso ya mmuso. Ho bolela hore bao ba batlang ho hwebisana le mmuso ba tshwanetse ho bolela le bao ba tshwereng matla a puso, e leng ditho tsa mokgatlo wa heso tse sebetsang mmusong.

Ho bolela hore rona ba sebeletsang mekga ya mmuso re ka kgona ho etsa hore batho batle ho rona ka sepheo sa ho batla melemo e itseng. Ka hoo, hona ho bolela hore re ka kgona le ho reka balatedi, re sa ele hloko metheo ya bohlokwa bophelong ba African National Congress.

Tsena kaofela di etsa hore taolo ya matla a puso e be ntho ya bohlokwa. Di etsa hore botho ba ANC e be tsela e bonolo ya ho filhlela matla a puso. Di etsa hore botho ba ANC bo be le matla a ho hohela mabapi le kgwebo. Di etsa hore botho ba ANC bo be peeletso mabapi le bao ba batlang ho iketsetsa diprofiti ka ho hwebisana le mmuso.

Tsena ha se dintlha tse ntjha ho dikemedi tse leng mona Khanseleng e Akaretsang ya Naha. Ka baka lena, Khansele e Akaretsang, e dumellane ka hore ditokomaneng tsa rona re lokela ho bolela ntle le qeaqeo hore re kgahlanong le bobodu mme re tiisetse hore re ikemiseditse ho bo lwantsha.

Dikemedi di ile tsa bua ka diqeto tseo re di entseng ka 1997, Sebokeng sa rona sa Naha sa bo-50 mane Mafikeng. Hara tse ding, re itse:

"Bobodu bo ama ntshetsopele, mme qetellong, bo baka bofutsana bo boholo .... Bobodu bo kgella tlase maikemisetso a Boitseko ba tokoloho ya Setjhaba le Demokerasi".

Karabelong ya tsena tsohle, Khansele e Akaretsang ya Naha, jwale e entse qeto ya hore ditho tsohle tsa ANC di tshwanetse ho nka Kano e reng "re tla ikobela sepheo le maikemisetso a African National Congress jwalo ka ha a hlahella Molaotheong, tokomaneng ya Freedom Charter, le maemo a mang a amohetsweng ka mokgwa o tshwanetseng ... re kena mokgatlong ntle le qobello hape re se na maikemisetso a ho ithuisa, hape re dumela hore re tla hlompha Molaotheo le dibopeho tsa mokgatlo, le ho sebetsa jwalo ka ditho tsa ona tse tshepehang."

Ditherisanong tsa rona re lemohile hore le ha re bile le kgatelopele e bonahalang dilemong tse 11 tse fetileng, re sa ntsane re tobane le mosebetsi o mongata wa hore re fedise mathata ao re a sietsweng ke dilemo-lemo tse ngata tsa bokoloniale le aparteite.

Dikhomisheneng, dikemedi di entse ditshisinyo tse kenelletseng tse mabapi le mehato e itseng e ka potlakisang tshebetso ya ho tlisa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle le ho bopa setjhaba se theilweng ka ditabatabelo tsa batho. Tsena di hlahella ka bokgutshwanyane ditokomaneng tseo re di amohetseng.

Ditokomane tsena di bontsha boithapo ba mokgatlo wa rona ba hore o fihlele maikemisetso ao re ipehetseng ona mabapi le batho ba haeso. Di bua ka diphepetso tse ngata tseo batho ba tobaneng le tsona - diphepetso tsa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi, ho se tswele pele ka botlalo, tlhokeho ya mobu, tlhokeho ya matlo, mafu, ho hloka tsebo, bonokwane le tse ding.

Ka ho tshwenyeha mabapi le dikgahleho tsa batho ba haeso bohle, ba batsho le ba basweu, re ile ra bona hape hore re etse qeto ya ho shebana le ka moo maemo a rona a tlwaelehileng tokomaneng ya Mawa le Maano ho bona hore na a ntse a tsamaelana le ponelopele ya bohlokwa eo re fumaneng ho tswa ho Freedom Charter, hore na Afrika Borwa ke ya rona bohle bao ba phelang ho yona, ba batsho le ba basweu.

Khansele ena e Akaretsang ya Naha, le diqeto tsa yona, ke tsa bohlokwa haholo ka hore di tla ba le dipoelo tsa bohlokwa bokamosong ba naha le ho batho ba haeso. Le ha e le hore diqeto di bonahala e le tse tshwanetseng, batho ba haeso ba na le tokelo ya ho se di tshepe ho fihlela ba di bona di kengwa tshebetsong. Empa re lehlohonolo ka hore batho ba haeso ba tswela pele ka ho ba le tshepo hodima mokgatlo wa rona.

Ha re kgutlela morao ho ditho tsa rona, makaleng, mabatoweng le diprovenseng, ka diketso tsa rona feela, re lokela ho bontsha batho hore tshepo eo ba nang le yona hodima mokgatlo, ke e tshwanetseng. Hara tse ding, re tshwanetse ho bona hore re dula re mamela batho ba habo rona, hore ka mehla re ikarabela ditlhokong tsa bona le ho ba susumetsa hore ba be baitedi ba kaho botjha le ntshetsopele eo re buileng ka yona Tokomaneng ya rona ya Dikgetho e leng Election Manifesto.

Historing ya ona, mokgatlo wa rona, o ile wa kopana le mathata a maholo. Le ha ho le jwalo, o ile wa kgona ho atleha hobane o latela metheo ya ona ka botshepehi, bokgoni ba ona ba ho sebetsa ka kopano ekasitana le maikemisetso a ona, e leng a ho sebeletsa batho ba Afrika Borwa

Ka nepo, Khansele e Akaretsang ya Naha e ile ya tshehetsa Motlatsa Mopresidente wa rona nakong tsena tsa mathata. Re ile ra hatella taba ya hore ho hlokeha ho ya ka toka hore a fuwe sebaka sa ho ikarabela kgahlanong le diqoso tsohle tseo a rweswang tsona.

Kaofela ha rona re tshehetsa maemo a latelang metheo ya rona, ka ho tshepa hore taba ya kahlolo e ka se diehiswe ntle le lebaka.

Ke tla kopa ditho tsa rona tsohle hore, ha re ntse re emetse diqeto tsa tshebetso tsena tsa molao, re itshware ka tsela e hlomphehang e tshwanetseng ditho tsa African National Congress le ka ho latela setso sa mokgatlo eo batho ba haeso ba o hlomphang, e bile ba o ratang.

Re tshwanetse ho bona hore ha re etse letho le tla nyenyefatsa seriti sa Motlatsa Mopresidente le ANC. Nnete ke hore, ke ka dinako tsa mathata tse tshwanang le tsena, moo re tobanang le diphepetso tse kgolo, ka hoo re tshwanetse ho itshwara jwalo ka ditho tsa sebele tsa ANC, tse tla etsa ka hohle hore lebitso la mokgatlo le dule le le ntle le hlopheha, hape re dule re kopane.

Khansele e Akaretsang ya Naha e re file mesebetsi e mengata. E re bontshitse tsela ya ho potlakisa mosebetsi wa kaho botjha le ntshetsopele. E re laetse hore re sebetse le ho feta hore re matlafatse tumellano ya rona ya ho ntshetsapele ponelopele ya Freedom Charter. E entse hore re ithaope ho phahamisa kabelo ya rona boitsekong bo ntseng bo tswela pele ba ntjhafatso ya Afrika.

Khansele e Akaretsang ya Naha e laetse hore re tshwanetse ho sireletsa bonngwe ba mokgatlo wa rona le bonngwe ba Selekane (Alliance) sa rona jwalo ka dintho tsa bohlokwa ruri. E re laetse hore re tshwanetse ho tswela pele re be ngatana nngwe, mme re sebeletse batho ba Afrika Borwa le Afrika ka bophara, le ho sebetsa mmoho le bao ba ratang tswelopele lefatsheng ka bophara.

Ho fihla bofelong ba mosebetsi wa rona Khanseleng e Akaretsang ya Naha (NGC) ho tshwanetse ho ba nako eo re qalang mosebetsi wa ho kenya tshebetsong tseo re entseng qeto ka tsona. Ke na le tshepo ya hore mabapi le hona, re ke ke ra nyahamisa ditabatabelo tsa batho ba bangata ba habo rona.

Boemong ba Komiti ya Phethahatso ya Naha, ke rata ho lakeletsa dikemedi tsohle tsela tshweu ha ba boela morao le ho tsebisa hore jwale Khansele e Akaretsang ya Bobedi ya Naha e ya kwalwa.

Amandla! Matla!