| |
- ANC ke mokgatlo o lwanelang tokoloho ya setjhaba. O thehilwe ka selemo
sa 1912 ho kopanya ma-Afrika le ho etella pele boitseko ba diphetoho
tsa sethato dipolotiking, kahisanong le moruong.
- Dilemomng tse mashome a robong kaofela ANC ha esale e ntse e etelletse
pele boitseko kgahlanong le kgetholloya bo-morabe, mme e hlophisa matsholo
a bongata a kganyetso mmoho le ho susumelletsa dinaha tsa matjhaba ho
ntshetsa pele boitseko, esita le ho nka dihlomo twantshong ya apartheid.
- ANC e ile ya fihlela katleho e kgolo dikgethong tsa dimokerasi tsa
1994, moo e ileng ya fuwa thomo e tiileng ya ho rerisana ka Molaotheo
o motjha wa demokerasi wa Afrika Borwa. Molaotheo oo o motjha o ile
wa ananelwa ka 1996.
- ANC e ile ya boela ya kgethwa ka 1999 boemong ba mmuso wa naha le
mebusong ya diprofensi ka thomo e ekeditsweng.
- Maano aANC a ralwa ke ditho tsa yona mme boetapele ba yona bo ikarabela
ho ditho tsa yona.
- Botho ba ANC bo buletswe Ma-Afrika Borwa ohle a dilemong tse ka hodimo
ho tse 18, ho sa natswe morabe, mmala le bodumedi, mme e be batho ba
tla amohela metheo, maano le mananeo a mokgatlo.
SEPHEO LE MAIKEMISETSO A ANC KE AFE?
- Sepheo sa bohlokwa ke ho theha setjhaba sa demokerasi se kopaneng,
se hlokang kgethello ya bo-morabe le kgethollo ya bong.
- Hona ho bolela tokoloho dipoloyiking le moruong haholo-holo tokoloho
ya Ma-Afrika le batho ba batsho ka kakaretso. Ho bolela ho phahamisa
boleng ba bophelo ba Ma-Afrika ohle, haholo-holo ba futsanehileng.
- Boitseko ba ho fihlela sepheo sena bo bitswa Ntwa ya Naha ya ho tlisa
Diphetoho tsa demokerasi.
KE SE FE SE TATAISANG LEANO LA ANC?
Lengolo le Phatlalatsang Ditokelo
tsa Tokoloho (Freedom Charter), le ileng la ananelwa ke seboka sa
Batho ka 1955, le dutse e ntse ele lengolo la motheo wa leano la ANC.
Lengolo lena, laDitokelo tsa Tokoloho le phatlalatsa ho re:
- Batho ba tla busa
- Batho ba mefuta yohle ba tla ba le ditokelo tse lekanang
- Batho bohle ba tla arolelana moruo wa naha ka ho lekana
- Naha e tla arolelwa bohle ba sebetsang ho yona
- Bohle re tla lekana ka pela molao
- Bohle re tla ba le ditokelo tse lekanang tsa botho
- Ho tla ba le mesebetsi le tshireletso
- Menyako ya thuto le setso e tla bulelwa bohle
- Ho tla ba le matlo, polokeho le boiketlo
- Ho tla ba le khotso le setswalle
Ka 1994 ANC e ile ya ananela Lenaneo la Kaho Botjha le Ntshetsopele (RDP)
e le motheo wa leano le tataisang ANC diphetohong tsa Afrika Borwa. Mananeo
a bohlokwa a Lenoneo lena la Kaho Botjha le Ntshetsopele ke:
- ho fihlel ditlhoko tsa motheo
- ho ntshetsa pele mehlodi ya botho
- ho aha moruo
- ho theha setjhaba le puso tsa demokerasI
- Folaga ya ANC e entswe ka dikoralwana tse lekanang, tse rapameng,
ka mebala ya botsho, botala le kgauta. Mmala o motsho o bolela batho
ba Afrika Borwa, bao dilemong tse ngata ba ileng ba lwanela tokoloho.
Mmala o motala o emetse lefatshe, leo ka dilmo-lemo le ileng la phedisa
batho ba rona, ba nnileng ba tloswa ho lona ke mmuso wa bokoloniale
le wa apartheid. Mmala wa kgauta o emetse diminerale le moruo o mong
wa tlhaho wa Afrika Borwa, oo e leng wa batho bohle ba naha ena, empa
o ne o sebediswa ho tswela molemo sehlotshwana sa morabe o itseng feela.
- Setshwatso se nang le lerumo le thebe se emetse dintwa tsa mehleng
tsa boitseko kgahlanong le puso ya koloniale, se bontsha ntwa ya dihlomo
ya boitseko ya lebtho la bahlabani ba ANC la Umkhonto we Sizwe, se boele
se bontshe hape ntwa ya ANC e ntseng e tswela pele kgahlanong le menyetla
merabeng e itseng le ho lwantshwa kgatello. Setshwantso sa lebidi se
tloha kgale-kgale nakong tsa Seboka sa Batho, se ileng sa ananela Lengolo
le Phatlalatsang Ditokelo tsa Tokoloho (Freedom Charter), mme se supa
go kopangwa ha boitseko bo tshwanang ba Tokoloho bathong ba Afrika Borwa
kaofela. Ke letshwao le bontshang moetlo o matla o hlokang bo-morabe
wa ANC. Letsoho le finnweng le tshwereng lerumo le supa matla a batho
ba kopaneng boitsekong ba tokolohole tekatekano.
- Kgweletso ya ANC ya " Amandla ngawethu, Matla ke a rona"
e bolela hore batho ke bona ba nang le matla ka ho phetathahala, mme
hona ho supa tseko ya bohlokwa ya Freedom Charter ya hore 'batho ba
tla busa'. Ena ke polelo ya ANC ya ho itlama ho aheng le ho tebisa demokerasi,
esita leho nka karolo ha batho ka ho phethahala mekutung ya ho ntlafatsa
maphelo a bona.
BOIKARABELO BA SETHO SA ANC KE BO FE?
Metheo le dintlha tse molemo ho setho sa ANC di kenyeletsa:
- Boikokobetso le boinehelo boitsekong ba ho fihlela setjhaba sa demokerasi,
se hlokang kgethollo ya bo- morabe le bong.
- Ho thahasella ditabatabelo le dikgahleho tsa batho, jwaleka ha di
hlahisitswe methehong ya leano la 'Batho pele' - ho beha batho ka sehlohong.
- Ho nka karolo ho kenya tshebetsong maano a mokgatlo le diqetong tse
kopanetsweng.
Ditho tsa ANC di lebeletswe:
- Ho ingodisa lekaleng la ANC, mme ba lefe tjhelete ho ba setho, esita
le ho thuas ho aha ANC.
- Ho nka karolo e mafolofolo ditherisanong, ho theha le ho kenya tshebetsong
leano le mananeo a ANC.
- Ho amohela le ho sireletsa diqeto tsa dibopeho tse tshwanetseng tsa
mokgatlo.
- Ho bopa kopano ya ANC mmoho le mekgatlo ya demokerasi, ho lwantsha
bobodu le leeme la ho fana ka menyetla ho ba leloko, le ho lwantsha
maqulana.
- Ho lwantsha kgethollo ya bo-morabe, ya mofuta kapa ya bong, ya bodumedi,
le ho lwantsha ho hloka mamello ya sepolitiki kapa mofuta ofe kapa ofe
wa kgethollo.
- Ho dula ba ntse ba fumana tlhahiso-leseding ya sepolotiki kapa tswelopele
e fe e fe, mme ba nne ba eketse bokgoni ba bona e le karolo ya ho ithuta
ka dinako tsohle.
- Ho hlola ba ikamahantse le setjhaba mme ba nke karolo e matla ditabeng
tsa setjhaba.
- Ho itshwara ka tsela e kgabane, e tlang ho ba mohlala bophelong ba
mehla,mme ba se sebedise maemo a bona ho ithuisa.
DIBOPEHO TSA ANC KE DI FE?
- Lekala ke karolwana ya motheo ya ANC, moo ditho di nkang karolo
mosebetsing wa ANC le ditherisanong tsa sepolotiki. Lekala ke lona le
'etelletseng pele' setjhaba tulo e itseng, mme le emetse dikgahleho
tsa sona, le hlahisa ditabatabelotsa sona. Lekala ka leng le kgetha
Komiti ya Phethahatso ya Lekala (BEC) Kopanong e Akaretsang ya Selemo
le Selemo.
- Komiti Ya Phethahatso ya Lebatowa (REC) e kgwthwa Sebokeng
sa Lebatowa ke Baemedi ba makala a lebatowa leo kamora dilemo tse pedi.
- Komiti ya Phethahatso ya Profensi (PEC) e kgethwa Sebokeng
sa Profensi ke baemedi ba makala a profensi kamora tse tharo
- Komiti ya Phethahatso ya Naha (NEC)
ke sona sebopeho se phahameng ka ho fetisisa sa ANC mahareng a Diboka
tsa Naha, mme ke yona e nkang boikarabelo ba ho etella mokgatlo pele.
Komiti ya Phethahatso ya naha e kgetha Komiti ya Tshebetso ya Naha (NWC)
hara ditho tsa yona ho ntshetsa pele mosebetsi wa letsatsi wa mokgatlo.
- Seboka sa Naha se tshwarwang kamora dilemo tse hlano ke sebopeho
se hodimo-dimo se nkang diqeton ho ANC. Ho baemedi bohle ba voutang
Sebokeng sa Naha, baemedi ba makala ba etsa palo ya mashome a robong-
lekgolong (90%). Lekgotla le Akaretsang la Naha (NGC) le tshwarwa pakeng
tsa Diboka tsa Naha ho lekola tswelopeleya mananeo amokgatlo.
- Mokgatlo wa Basadi wa ANC le ona sebetsa
jwaloka sebopho se ikemetseng ka hara mokgatlo ohle wa ANC. Sepheo sa
ona ke ho sireletsa le ho ntshetsa pele ditokelo tsa basadi kgahlanong
le mefuta yohle ya kgatello le ho tiisetsa hore basadi ba bapala karolo
e felletseng mokgatlongka dinako tsohle. Mokgatlo wa Basadi o buletswe
basadi bohle bao e leng ditho tsa ANC.
- Mokgatlo wa Batjha wa ANC le ona
o sebetsa jwaloka sebopeho se ikemetseng ka sepheo sa ho kopnya le ho
etella pele batjha hore ba tle ba tobane le mathata ao ba teanang le
ona, le tiisa hore batjha ba nka karolo e tletseng , e matla mosebetsing
wa ANC. Botho ba Mokgatlo bo bultswe batho bohle ba dilemong tse pakeng
tsa 14 le 35.
SELEKANE SA MEKGATLO E MERARO (TRIPARTITE) KE ENG?
ANC e kene selekaneng le South African
Communist Party (SACP) le Congress
of South African Trade Unions (COSATU). Mokgatlo o mong le o mong
Setlamong sena, o ikemetse ka molaotheo wa ona, ditho esita le mananeo.
Setlamo sena se thehilwe hodima boitlamo bo tshwanang ba ho fihlela maikemisetso
a Ntwa ya Naha ya ho tlisa Diphetoho tsa Demokerasi (National Democratic
Revolution), le thlokeho ya ho kopanya ka hohle ka mmo ho ka kgonahalang
Ma-Afrika tlasa maikemisetso ana.
MOO O KA FUMANANG ANC TENG
Makala a ANC a fumaneha ditoropong tsohle tse kgolo, ditorotswaneng le
metseng ya mahae ho phatlalla le Afrika Borwa. ANC e na le Ntlokgolo,
di-ofisi tsa di-profensi le di-ofisi
tse ngatanyana tsa mabatowa. |